Wylie o Tsosolosa Mohopolo oa Clouts Libukeng tse Peli
2 min read
Dan Wylie
Moprofesa Dan Wylie, ea Lefapha la Litsebi tsa Literary Studies ka Senyesemane, o ile a tla ho hlahisa buka ea “Intimate Lightning: Sydney Clouts, Poet”, ka Sontaha thapama ho Wordfest, Makhanda.
Le hoja qalong e ne e reretsoe ho bontsa “Intimate Lightning” feela, Wylie o ile a hlahisa e ‘ngoe ea libuka tsa hae ka Clouts (“Seahorn Messiah: Sydney Clouts, The Poems”), eo a ileng ae hlalosa e le buka e tlatsanang le “Intimate Lighting”.

Wylie o ile a hlalosa hore “Seahorn Messiah” ke eona pokello ea pele ea lipolelo tsa Clouts e hlahisang likotoana tse neng li hatisoa pele, le tse neng li ntse li sa phethoe nakong ea lefu la hae.
Buka e tsebahalang ea lithothokiso tsa hae le hoja e le tlaleho e tšesaane, ke buka ea 1984 e “Collected Poems” e phatlalalitsoeng ke lelapa la hae lilemo tse peli kamora ho feta ha hae. “Seahorn Messiah” ke morero oa Wylie oa lenaneo le tsitsitseng le le leholoanyane la lithothokiso tsa Clouts.
Ha a khutlisetsa histori ea buka ho bamameli, Wylie o ile a bua mantsoe ana:
“Ke pokello e feletseng ka ho fetisisa ea sebōpeho se tšesaane empa e le sa bohlokoa haholo sa seroki se lebetsoeng. E etselitsoe hore e be buka ea motsoalle ho buka ea Intimate Lightning: Sydney Clouts, Poet”
Seahorn Messiah ke mosebetsi o kopanetsoeng oa Moprofesa Wylie le mohlolohali oa Clouts Mme Marge Clouts.
Ha a bua ka khetho ea hae bakeng sa ho ithuta litlhaku tsa Clouts, Wylie o ile a re o fumane bohlokoa mosebetsing oa Clouts bakeng sa lipolotiki tsa naha le tsa lefatše.
Leha ho le joalo takatso ea hae ea ho hopola le ho hlompha seroki sena se lebetsoeng, ke sepheo sa hae sa ho ngola libuka tsena tse peli. Wylie o tšepa hore babali ba tla bona hore mosebetsi oo oa Clouts o hlile oa hlokahala.
Pale ena e ngotsoe ka Sesotho. Tobestsa puo eo ue ratang ho bala phetolelo ea eona ka English le Afrikaans.