Sun. Dec 10th, 2023

Wordfest South Africa

Wordfest is South Africa’s premier multilingual festival of languages and literatures with a developmental emphasis.

Khusta o bua ka buka ea hae motseng oa Makhanda

2 min read

Makhanda e ile ea fumana puo ea eona ea buka ea Khusta Jack To Survive and Succeed: From Farm Boy to Businessman, ka Labobeli thapama ho Wordfest.

Mhuseli “Khusta” Jack oa Port Elizabeth, o ngoetse ka mathata a bophelo ba hae ba bocha ha khethollo ea merabe e ile ea hula likarolo tse ngata tsa bongoaneng ba hae lilemong tsa bo-1960. Khusta o ile a qala ho utloisisa mekhoa e sa nepahalang ea ‘muso ka lebaka la pherekano e ngata mo likolong barupeluoa ba batšo ba neng ba e-ba teng.

O ile a tšoaroa ka makhetlo a ‘maloa nakong ea sekolo bakeng sa mosebetsi oa hae ntoeng, le hape ha a ne a sebetsa ka temo le kahong. Khusta o qetile sekolo ka lilemo tse 24 ka mor’a likhathatso tsena tse ngata.

E ile ea e-ba ‘muelli oa mantsoe khahlanong le tlhekefetso ea batho ba batšo ke’ muso o mosoeu, ‘me a boela a tšoaroa lilemong tsa bo-1970 le li-80.

Empa qetello ea hae e ile ea fetoha ka 1990 ha a fallela Univesithing ea Sussex Engelane.

O ile a arolelana le bamameli hore buka ena ha ea ngoloa feela hore e tlalehe histori ea hae, empa e hlompha batho ba sa tsejoeng ho tsoa ntoeng, ebile e susumelletsa bacha hore ba tsoele pele bophelong.

Khusta o tlohetse bophelo ba lipolotiki ka mor’a khetho ea Jacob Zuma mokong oa khetho ea African National Congress motseng oa Polokwane. O setse khoebong, mme o qalile buka ena metseng e ka bang 5 mona Afrika Borwa.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *